Sediba se sa tswela pele ho kopotsa, hobane ha se ka ptjha, bana ba Basotho ba ka bolawa ke lenyora. Mohlodi wa dithothokiso II, ke buka e tshwereng lethathamo la dithothokiso tse fanang ka setshwantsho, le ha o ka bala thothokiso o patile sehlooho, empa motho a ka kgona ho utlwa hore thothokiso eo e bua ka eng. Ebile ho sebedisitswe manoni a puo ho ka netefatsa merethetho ya dithothokiso.
Thabang Tsolo ke letswallwa la Jouberton North West, ke mongodi ya ngolang mefuta e mengata ya dingolwa. Ke bua tjena e le hobane a se a ngotse dibuka tse nne tse fapafapaneng ho latela mefuta ya dingolwa. Ke dithothokiso, pale-kgutshwe, terama le padi.
This item is eligible for simple returns within 30 days of delivery. Return shipping is the responsibility of the customer. See our returns policy for further details.